BOIPILETSO BA BAP HO `MUSO OA LESOTHO

BOIPILETSO BA BAP HO `MUSO OA LESOTHO
The Issue
Lichaba tsa Lesotho le Republic of South Africa (RSA) li na le nalane ea likamano tsa nako e telele, khokahano ea bochaba, moruo le maqhama a khoebisano; hape Lesotho le lutse khubung kahare ho RSA moo le likaliketsoeng ke eona mahlakoreng oohle.
Ka lebaka la khokahano ea linaha le phelisano ea lichaba tsena, rona baitekenneng mona katlase re tšehetsa boipiletso bona bo etsoang ke Basotho Action Party (BAP) ho `muso oa Lesotho, hore o kene lipuisanong tse potlakileng le `muso oa RSA ho fumana tharollo ea moshoelella e tla imolla Basotho mathateng ao ba thulanang le oona ha ba le naheng ea RSA. Tumellano eo, e be ho fumanela baahi ba Linaha tsena tse peli litokelo tse tšoanang Linaheng tsena tse peli, tse latelang:-
1. Ho tšela maliboho meeling ea linaha tsena tse peli ho sebelisoa National ID feela
2. Ho phela le ho lula ho tsona ntle le tlhoko ea Resident Permit
3. Ho sebetsa ho tsona ntle le tlhoko ea Work Permit
4. Ho kena likolo ho tsona ntle ho tlhoko ea Study Permit
5. Ho fumana kalafo litsing tsa bophelo joaleka baahi naheng eo motho a phelang ho eona
6. Ho khetha le ho khethoa likhethong tsa `muso o moholo kapa puso ea libaka moo motho a phelang hona teng
7. Hore Lesotho le RSA li sale e ntse e le linaha tse Ikemetseng, tseo e leng litho tsa mekhatlo ea SADC, AU, COMMONWEALTH le UN.

595

Petition Updates
Share this petition
Petition created on 16 October 2025