Petition ea bacha ba Lesotho e etsang khoeeletso ea ho kenyeletsa bacha pusong ea naha.

Petition ea bacha ba Lesotho e etsang khoeeletso ea ho kenyeletsa bacha pusong ea naha.
Why this petition matters

Rona bacha ba lesotho ba tekenneng tokomane ena ha mmoho le sechaba se tekenneng ho ananela mohoo ona;
Re ipapisitse le Melao ea Machaba e ananelang tokelo ea batho bohle, lefatse ka bophara, hoba le kabelo pusong le tsamaisong ea mebuso ea bona e le sechaba;
Re boetse re ipapisitse le melao ea kontinente ea Afrika ee ananelang tokelo ea MaAfrika hoba le kabelo pusong le tsamaisong ea linaha tsa bo bona ka ho fapana;
Re boetse re ts'ehelitsoe le ho tiisoa mmoko ke Molao oa Bacha oa Kontinente ea Afrika o ananelang tokelo le boikarabello ba bacha ba kontinente hoba le seabo pusong ea linaha tsa bo bona le ho fuoa sethala ho loanela litokelo tse ba amang ka kotloloho e le karolo e ikemetseng ea sechaba;
Re fuoa matla ke Molao Theo oa Lesotho;
Ka ho hlokomela hore bacha, ho sa natse hore ke rona sechaba sa kajeno le ka moso, re iphumana re hatelloa, re sekisetsoa le ho sebelisoa hampe ke karolo ea sechaba ea bomme le bontate beo re leng boliseng ba bona, ekaba lipolotiking, mesebetsing, likolong kapa ka malapeng;
Re boetse re hlokomela hore moetlo, nalane le liketsahala tsa morao-rao li re rutile hore ke fela ka hoba le litulo tsa bacha tafoleng ea liqeto lillo tsa bacha li tlang ho utloahala.
Ke ka hoo re batlang tse latelang;
1) hore bacha ba sieloe litulo tsa karolo tse peli boneng (2/4) ea litulo tsa puso ea libaka.
2)hore bacha ba sieloe litulo tsa karolo tse peli boneng (2/4) ea litulo tsa likhetho tsa naha.
3) hore bacha ba sieloe litulo tsa karolo tse peli boneng tsa khekhethane.